Pampiri ena e na le maqephe a 8.
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng: KAROLO YA A: Moqoqo KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele KAROLO YA C: Ditema tse kgutshwane tsa kgokahano ya ka mehla 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be: KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 250 - 300 KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 120 - 150 KAROLO YA C: Ditema tse kgutshwane tsa kgokahano ya ka mehla -
mantswe a 80 - 100
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Shebisisa setshwantsho sena se nang le dikarolwana tse tharo mme o bale ditaba tse di latelang hore o tle o kgone ho araba potso.
E ne e le sebaka se setle haholo, se kgathollang motho ha o se sheba feela. Phomolo ya rona ya fela ya eba e monate, e kgathollang jwalo ka ha motho o ka nahana ha o bua ka sebaka sena. Wena le ba lelapa la heno le ne le nkile leeto ho ya phomola sebakeng se batlang se tshwana le se setshwantshong se ka hodimo. Ngola moqoqo oo ho wona o re hlalosetsang ka tsohle tse etsahetseng le dibaka tseo le di etetseng ha le ne le le moo. Sehlooho sa moqoqo e be:
Matsatsi a phomolo le ba lelapa la heso. [50]
KAPA
Baithuti ba bangata ba itlosa bodutu ka ho bala dibuka. Sena se ba thusa ka ho iphumanela tsebo ka diketsahalo tse etsahalang lefatsheng ka bophara. A ko re phetele he ka pale eo o kileng wa e bala mme wa iphumanela tsebo le maele ka diketsahalo tseo o di badileng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be:
Pale eo ke e ratileng.[50]
KAPA
Lefapha la Naha la Tikoloho le Bohahlaodi le sebetsa ka thata ho boloka le ho hlokomela tlhaho naheng ena. Ka ho etsa seo, menyetla ya kgolo ya moruo e ba mengata. Ka bomadimabe, batho ba tjhesa hlaha moo diphoofolo tse hlaha di phelang teng, ba silafatsa metsi ka ho lahlela dikgwerekgwere dibakeng tse ding. Hlahisa maikutlo a hao ka taba ena ka ho sebedisa sehlooho sena: Paballo ya tlhaho Afrika Borwa. [50]
KAPA
Bomasepala ba bangata Afrika Borwa ba tobane le bothata ba baahi ba sa batleng ho phethisa ditshwanelo le boikarabelo ba bona jwalo ka baahi. Qaka ke ho re ba bang ba baahi ha ba batle ho lefella ditshebeletso tse kang phepelo ya motlakase. Masepala wa heno a ke ke a kgona ho tswela pele ho nehelana ka tshebeletso ya motlakase ha baahi ba bang ba o sebedisa feela ba sa o lefe kapa ba o hokela ntle le molao kapa ba o utswa. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang mehato e ka nkuwang le ho latelwa ho kgothaletsa le ho tlama baahi ba motse wa heno ho phethisa boikarabelo ba bona - ho lefella motlakase oo ba o sebedisang. Sehlooho sa moqoqo e be: Motlakase o lokela ho lefellwa ... [50]
KAPA
Modulasetulo wa mokgatlo wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti o hlahisa maikutlo a ho re tsohle di ka tsamaiswa ka boqhetseke le ka bohlwahlwa ha moithuti wa mme e ka ba mopresidente wa sekolo. Hlalosa maikutlo a hao moo o tshehetsang le ho hanana ka tlhahiso ena. Ela hloko ho fana ka mahlakore ka bobedi. Sehlooho e be: Modulasetulo e be moithuti wa mme ... [50]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha tema e le NNGWE ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo.
Matsatsing a jwale ho fumana mosebetsi ho boima. O pasitse lengolo la hao la B.Com Yunivesithing ya Afrika Borwa (UNISA) ka selemo sa 2000. O kile wa sebeletsa dikhampane tse mmalwa nakong ya dilemo tse hlano nakwana. O fumane mosebetsi khampaneng e nngwe e kgolo Johannesburg. O lokela ho romella boitsebiso ka wena (CV) khampaneng eo. Ngola boitsebiso ka wena (CV). Hlokomela hore ha o ngola boitsebiso ka wena, o lokela ho ngola dintlha kaofela ho tloha ha o pasa Kereiti ya 12. [30]
KAPA
Ngolla mosuwehlooho wa hao lengolo la semmuso moo o mo hlalosetsang ka bohlaswa bo bileng teng moketeng wa lona wa materiki wa ho qetela sekolong sa heno. Moketjaneng oo, ho na le moithuti e mong ya ileng a hlajwa ka thipa ke e mong wa baithuti. Wena jwalo ka mopreisdente wa Kemedi ya Lekgotla la Baithuti (LRC) o lokela ho tsebisa mosuwehlooho le Lekgotla la Kemedi ya Batswadi la Tsamaiso ya Sekolo (SGB) se etsahetseng. (Se lebale dintlha tsohle tsa bohlokwa). [30]
KAPA
Metsi ke sehlahiswa sa tlhaho mme batho ba na le tokelo ya ho a fumana. Metsi a bohlokwa mme re lokela ho a sebedisa ka tshwanelo. Letona le re selemo le selemo, ho lefellwa metsi tjhelete e kaalo ka R3 billione. Na batho ba lokela ho lefella metsi? Wena o reng? E be tharollo ke efe? Ngola puisano moo o qoqang le motswalle wa hao ka pharela ena. Sebedisa mabitso ana: 'Tello' le 'Thuto', o ntse o sa lebale hore Mosotho o ye a re: bitsolebe ke seromo. [30]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 30 KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO (TSE KGUTSHWANE)
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele ebe mantswe a 80 - 100.
Batho ba bangata ba atisa ho etela provenseng ya KwaZulu-Natal bakeng sa ho ya phomola nakong ya Keresemese. O ne o le Umhlanga mme o lokela ho ya Umfolozi Game Reserve. Hlalosa ka botlalo tsela e kgolo ya N2 eo o tla tsamaya ka yona le dibaka tseo o lokelang ho di feta. Tadimisisa mmapa oo o fuweng o bontshang lebopong le ka Leboya la KZN mme o hlalose o ipapisitse ka wona. Ela hloko tsela eo khampase e beilweng ka yona.
KAPA
Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo o sepetlele kamora ho ameha kotsing e mpe ya koloi. O amohetswe sepetlele nakong eo ditlhahlobo tsa materiki di neng di qala. O kgathatsehile hobane a ke ke a kgona ho ngola ditlhahlobo lemong sena. Mo ngolle karete o mo kgothatse. [20]
KAPA
Sekolo sa heno se ne se nkile leeto ho leba sebakeng se itseng (inahanele tulo efe kapa efe eo le kileng la e etela) nakong ya matsatsi a mahlano. Le wena o ne tsamaile ka sekolo. Ngola ditaba tsa leeto leo dayaring/bukatsatsing mme o phete ka diketsahalo tse etsahetseng tseo di o sisintseng kapa di o hapilengmaikutlo matsatsi ao a mahlano. [20]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 20
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100
